29. Esere mohlomong ha a se a theile motheo, mme a hloka matla a ho e phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,
30. ba re: <Monna enwa o qadile ho haha, empa o sitilwe ho qeta!>
31. “Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?
32. Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso.
33. Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
34. “Efela letswai le molemo, empa ha letswai le tapa, le ka tswaifatswa kang?
35. Ha le sa na thuso bakeng sa mobu, leha e le bakeng sa moitedi. Le lahlelwa kantle.“Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”