Luka 14:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. “Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

27. Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

28. “Ke mang ho lona, eo ereng ha a rata ho haha tora, a sa keng a dule pele ho etsa dikgakanyo tsa ditshenyehelo, ho bona hore o na le seo a ka e qetang ka sona?

29. Esere mohlomong ha a se a theile motheo, mme a hloka matla a ho e phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,

30. ba re: <Monna enwa o qadile ho haha, empa o sitilwe ho qeta!>

31. “Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?

32. Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso.

33. Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

34. “Efela letswai le molemo, empa ha letswai le tapa, le ka tswaifatswa kang?

Luka 14