16. Jesu a re ho yena: “Motho e mong o ile a etsa mokete o moholo wa dijo tsa mantsiboya, mme a mema ba bangata.
17. A roma mohlanka wa hae ka nako ya mokete ho ya re ho bamemuwa: <Tloong, tsohle di lokisitswe.>
18. “Yaba bohle ba itatola ka bomong ka ho tshwana. Wa pele a re ho yena: <Ke rekile setsha, mme ke tlamehile ho ya se bona. Ke a o kopa, o ntatolele.>
19. “E mong a re: <Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o kopa, o ntatolele.>
20. “E mong hape a re: <Ke tswa nyala mosadi, mme nke ke ka tla ke hona.>
21. “Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae: <Phakisa o tswele ditseleng le ditselaneng tsa motse, o tlise kwano mafutsana, le dihole, le difofu, le diritsa.>
22. “Mohlanka a re: <Monghadi, ke phethile taelo ya hao, feela ho sa na le sebaka.>
23. “Monga mohlanka a re ho yena: <Tswela ditseleng le meterong, o ba qophelle ba kene, hore ntlo ya ka e tle e tlale,
24. hobane ke a o bolella hore ha ho le ya mong wa banna bane ba neng ba memilwe ya tla latswa dijo tsa ka.> ”
25. Matshwelehadi a ne a tsamaya le Jesu, yaba o a reteleha, o re ho wona:
26. “Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
27. Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
28. “Ke mang ho lona, eo ereng ha a rata ho haha tora, a sa keng a dule pele ho etsa dikgakanyo tsa ditshenyehelo, ho bona hore o na le seo a ka e qetang ka sona?
29. Esere mohlomong ha a se a theile motheo, mme a hloka matla a ho e phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,
30. ba re: <Monna enwa o qadile ho haha, empa o sitilwe ho qeta!>