1. Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.
2. Pela hae ho ne ho ena le monna e mong ya kgotsheng seema.
3. Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”
4. Ba kgutsa. Yaba o a mo nka, o a mo fodisa, mme a mo lokolla.
5. A re ho bona: “Na e ka ba mang ho lona, eo ekareng ha ho wetse mora wa hae kapa pholo ya hae sedibeng, a ke keng a ntsha mora kapa pholo kapele ka tsatsi la Sabatha?”
6. Ba sitwa ho arabela ditaba tsena.
7. Jwale Jesu a bolella bamemuwa setshwantsho, ha a lemoha kamoo ba kgethang tulo tse kapele kateng, a re ho bona:
8. “Ha o memilwe ke motho moketeng wa lenyalo, o se ke wa dula ditulong tse kapele, esebe e mong ya o fetang ka ho hlompheha le yena o memilwe,
9. ebe ya le memileng o a tla, o re ho wena: <Suthela monna enwa sebaka,> ebe moo o qalang ho ya dula ka dihlong tulong tse kamorao.
10. Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: <Motswalle, fetela ditulong tse kapele!> ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena,
11. hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
12. Yaba Jesu o re le ho ya mo memileng: “Ha o etsa mokete wa dijo tsa motsheare kapa tsa mantsiboya, o se ke wa mema metswalle ya hao, leha e le bana beno, leha e le bang ka wena, leha e le barui bao o ahisaneng le bona, esere le bona ba boela ba o mema, kgalapa tsa buseletsana.