7. A re ho molemi wa morara: <Bona, e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke etla ke batla ditholwana sefateng sena sa feiye, ke sa di fumane. Se reme! Se otisetsang mobu?>
8. “A mo araba, a re: <Monghadi, ako se lese le ka selemo sena, seo ka sona ke tla se lemela, ke se tshelle moitedi;
9. mohlomong se tla beha ditholwana nakong e tlang, empa ha ho se jwalo, o tla se rema.> ”
10. Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha.
11. Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang.
12. Yare ha Jesu a mmona, a mmitsa, a re ho yena: “Mosadi, o fodisitswe kgolofalong ya hao,”
13. a ba a mmea matsoho; yaba mosadi eo o otloloha hanghang, mme a tlotlisa Modimo.
14. Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.”
15. Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na?
16. Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”
17. Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.
18. Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o tshwana le eng? Nka o tshwantsha kang?
19. O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.”
20. Hape a re: “Nka tshwantsha Mmuso wa Modimo kang?
21. O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo tse tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”
22. Jesu a ya le metse le metsana, a ruta, a le leetong la ho ya Jerusalema.
23. Jwale e mong a re ho yena: “Morena, na ba pholoswang ba tla ba mmalwana na?”A re ho bona:
24. “Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa.
25. Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: <Monghadi, ako re bulele;> o tla le araba, a re: <Ha ke tsebe hore na le ba hokae.>