18. Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o tshwana le eng? Nka o tshwantsha kang?
19. O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.”
20. Hape a re: “Nka tshwantsha Mmuso wa Modimo kang?
21. O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo tse tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”
22. Jesu a ya le metse le metsana, a ruta, a le leetong la ho ya Jerusalema.
23. Jwale e mong a re ho yena: “Morena, na ba pholoswang ba tla ba mmalwana na?”A re ho bona:
24. “Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa.
25. Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: <Monghadi, ako re bulele;> o tla le araba, a re: <Ha ke tsebe hore na le ba hokae.>
26. “Le tla qala ho re: <Re kile ra ja, ra nwa le wena, wa ruta ditseleng tsa rona.>