15. Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na?
16. Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”
17. Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.
18. Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o tshwana le eng? Nka o tshwantsha kang?
19. O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.”
20. Hape a re: “Nka tshwantsha Mmuso wa Modimo kang?
21. O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo tse tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”
22. Jesu a ya le metse le metsana, a ruta, a le leetong la ho ya Jerusalema.
23. Jwale e mong a re ho yena: “Morena, na ba pholoswang ba tla ba mmalwana na?”A re ho bona:
24. “Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa.
25. Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: <Monghadi, ako re bulele;> o tla le araba, a re: <Ha ke tsebe hore na le ba hokae.>
26. “Le tla qala ho re: <Re kile ra ja, ra nwa le wena, wa ruta ditseleng tsa rona.>
27. O tla le bolella, a re: <Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho nna, lona bohle ba etsang bokgopo!>
28. “Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle.
29. Batho ba tla tswa botjhabela le bophirimela le leboya le borwa, ba be dijong Mmusong wa Modimo.
30. Ke moo ba bang ba ho qetela e tla ba ba pele, le ba bang ba pele e tla ba ba ho qetela.”
31. Ka yona nako eo Bafarisi ba bang ba atamela, ba re ho Jesu: “Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.”