Luka 13:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka yona nako eo ha fihla ba bang, ba tsebisa Jesu tsa Bagalelea bao Pilato a ileng a tswakanya madi a bona le mahlabelo a bona.

2. A ba araba, a re: “Na le nahana hore Bagalelea bana e ne e le baetsadibe ba fetang Bagalelea ba bang bohle, hobane ba hlokofaditswe jwalo?

3. Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.

4. Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema?

5. Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.”

6. Jwale a bolela setshwantsho sena: “Motho e mong o ne a ena le sefate sa feiye se lemilweng tshimong ya hae ya morara, yaba o ya batla ditholwana ho sona, mme a se ke a di fumana.

7. A re ho molemi wa morara: <Bona, e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke etla ke batla ditholwana sefateng sena sa feiye, ke sa di fumane. Se reme! Se otisetsang mobu?>

8. “A mo araba, a re: <Monghadi, ako se lese le ka selemo sena, seo ka sona ke tla se lemela, ke se tshelle moitedi;

9. mohlomong se tla beha ditholwana nakong e tlang, empa ha ho se jwalo, o tla se rema.> ”

10. Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha.

11. Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang.

Luka 13