46. monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.
47. “Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;
48. athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”
49. “Ke tlile ho akgela mollo lefatsheng, mme ke lakatsa hakaakang hore ebe o se o hotetse!
50. Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!
51. Na le hakanya hore ke tlile ho fana ka kgotso lefatsheng? Tjhe, ke a le bolella, ke tlisitse karohano.
52. Ho tloha jwale ba bahlano ba ka tlung e le nngwe ba tla arohana, ba bararo ba lwantshane le ba babedi, ba babedi le ba bararo.
53. “Ntata a lwantshane le mora,mora le ntatae,mma le moradi,moradi le mmae,matsale le ngwetsi,ngwetsi le matsalayo.”
54. Jwale a bolella le matshwele, a re: “Ha le bona leru le nyoloha bophirimela, hanghang le re: <Kiriatshwana ke eo,> mme ho be jwalo.
55. Ha ho foka moya wa borwa, le ye le re: <Ho tla tjhesa,> mme ho be jwalo.
56. Baikaketsi ting! Le tseba ho hlalohanya sebopeho sa lefatshe le sa lehodimo, mme ho tla jwang hore le se tsebe ho hlalohanya nako ee?
57. “Keng ha le sa ikahlolele hore na ho tshwanelang ke hofe?
58. Ha o eya le ya o tsekisang ho moahlodi, etsa ka matla ho utlwana le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong a o hulela kapela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, lepolesa la o kgarameletsa tjhankaneng.
59. Ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile le tjheletana ya ho qetela.”