39. Empa tsebang hona: Ha monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, o ne a ke ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.
40. Le lona le itokise, kahobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”
41. Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?”
42. Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?
43. Ho lehlohonolo mohlanka eo etlare ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo.
44. Kannete ke a le bolella hore o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae.
45. Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: <Monga ka o dieha ho fihla,> ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,
46. monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.
47. “Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;
48. athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”
49. “Ke tlile ho akgela mollo lefatsheng, mme ke lakatsa hakaakang hore ebe o se o hotetse!
50. Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!
51. Na le hakanya hore ke tlile ho fana ka kgotso lefatsheng? Tjhe, ke a le bolella, ke tlisitse karohano.
52. Ho tloha jwale ba bahlano ba ka tlung e le nngwe ba tla arohana, ba bararo ba lwantshane le ba babedi, ba babedi le ba bararo.
53. “Ntata a lwantshane le mora,mora le ntatae,mma le moradi,moradi le mmae,matsale le ngwetsi,ngwetsi le matsalayo.”
54. Jwale a bolella le matshwele, a re: “Ha le bona leru le nyoloha bophirimela, hanghang le re: <Kiriatshwana ke eo,> mme ho be jwalo.
55. Ha ho foka moya wa borwa, le ye le re: <Ho tla tjhesa,> mme ho be jwalo.
56. Baikaketsi ting! Le tseba ho hlalohanya sebopeho sa lefatshe le sa lehodimo, mme ho tla jwang hore le se tsebe ho hlalohanya nako ee?