Luka 12:34-47 BIBELE (SSO89SO)

34. hobane moo letlotlo la lona le leng teng, le pelo tsa lona di tla ba hona teng.

35. “Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke.

36. Le be jwaloka batho ba lebeletseng hore na monga bona o tla kgutla neng moketeng wa lenyalo, e tle ere ha a fihla, a kokota, ba mmulele kapelepele.

37. Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse.

38. Leha a ka fihla ka seroko, kapa ka dialla, mme a fumana ba fadimehile, ba lehlohonolo bahlanka bao!

39. Empa tsebang hona: Ha monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, o ne a ke ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.

40. Le lona le itokise, kahobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”

41. Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?”

42. Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?

43. Ho lehlohonolo mohlanka eo etlare ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo.

44. Kannete ke a le bolella hore o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae.

45. Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: <Monga ka o dieha ho fihla,> ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,

46. monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.

47. “Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;

Luka 12