Luka 12:3-21 BIBELE (SSO89SO)

3. Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.

4. “Ke a le bolella, metswalle ya ka, le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa kamora moo ba se na letho leo ba ka le etsang hape.

5. Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng!

6. Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona.

7. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.

8. “Hape ke a le bolella hore mang le mang ya mpakang pela batho, le Mora Motho o tla mo paka pela mangeloi a Modimo,

9. empa ya ntatolang pela batho o tla latolwa pela mangeloi a Modimo.

10. Mang le mang ya tla bua lentswe le hanyetsang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa.

11. “Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,

12. hobane Moya o Halalelang o tla le ruta ka yona nako eo seo eka kgonang le se bue.”

13. E mong wa letshwele a re ho yena: “Moruti, ako re ho ngwaneso a arolelane lefa le nna!”

14. Jesu a re ho yena: “Monna heso, ya mpeileng moahlodi kapa moaroledi wa lona ke mang?”

15. A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”

16. Jwale a ba bolella setshwantsho, a re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo.

17. A nahana ka pelong ya hae, a re: <Ke tla etsang, ha e le moo ke se na moo nka bokellelang dijo tsa ka teng?>

18. “Yaba o re: <Ke tla etsa hona: Ke tla qhaqholla disiu tsa ka, ke etse tse di fetang ka boholo, ke bokelle teng koro yohle le dijo tsa ka,

19. mme ke tla re ka moyeng wa ka: Ke na le dijo tse ngata, tse bokeletsweng ka dilemo tse ngata; a nke ke phomole, ke je, ke nwe, ke keteke!>

20. “Empa Modimo a re ho yena: <Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?>

21. “O jwalo ya ipokellelang matlotlo, empa e se morui mahlong a Modimo.”

Luka 12