27. “Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di ohle, ha di lohe, empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona.
28. Jwale ha Modimo a apesa jwalo jwang bo naheng, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na a ke ke a le apesa ho feta? Tumelo ya lona e fokola hakaakang!
29. Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela,
30. hobane tseo tsohle di labalabelwa ke bahedene ba lefatshe, empa Ntata lona o tseba hore le a di hloka.
31. Le mpe le batle Mmuso wa hae, mme tsena le tla di ekeletswa.
32. “Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.
33. Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,
34. hobane moo letlotlo la lona le leng teng, le pelo tsa lona di tla ba hona teng.
35. “Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke.
36. Le be jwaloka batho ba lebeletseng hore na monga bona o tla kgutla neng moketeng wa lenyalo, e tle ere ha a fihla, a kokota, ba mmulele kapelepele.
37. Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse.
38. Leha a ka fihla ka seroko, kapa ka dialla, mme a fumana ba fadimehile, ba lehlohonolo bahlanka bao!
39. Empa tsebang hona: Ha monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, o ne a ke ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.
40. Le lona le itokise, kahobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”
41. Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?”
42. Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?