Luka 12:15-33 BIBELE (SSO89SO)

15. A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”

16. Jwale a ba bolella setshwantsho, a re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo.

17. A nahana ka pelong ya hae, a re: <Ke tla etsang, ha e le moo ke se na moo nka bokellelang dijo tsa ka teng?>

18. “Yaba o re: <Ke tla etsa hona: Ke tla qhaqholla disiu tsa ka, ke etse tse di fetang ka boholo, ke bokelle teng koro yohle le dijo tsa ka,

19. mme ke tla re ka moyeng wa ka: Ke na le dijo tse ngata, tse bokeletsweng ka dilemo tse ngata; a nke ke phomole, ke je, ke nwe, ke keteke!>

20. “Empa Modimo a re ho yena: <Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?>

21. “O jwalo ya ipokellelang matlotlo, empa e se morui mahlong a Modimo.”

22. A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,

23. hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.

24. Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!

25. Ke mang ho lona eo ka ho itshwenya a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae leha e le ka motsotswana?

26. Ha ho le jwalo, ha le sitwa ho etsa le ho honyenyane, le itshwenyetsang ka tse ding na?

27. “Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di ohle, ha di lohe, empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona.

28. Jwale ha Modimo a apesa jwalo jwang bo naheng, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na a ke ke a le apesa ho feta? Tumelo ya lona e fokola hakaakang!

29. Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela,

30. hobane tseo tsohle di labalabelwa ke bahedene ba lefatshe, empa Ntata lona o tseba hore le a di hloka.

31. Le mpe le batle Mmuso wa hae, mme tsena le tla di ekeletswa.

32. “Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.

33. Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,

Luka 12