1. Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.
2. Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.
3. Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.
4. “Ke a le bolella, metswalle ya ka, le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa kamora moo ba se na letho leo ba ka le etsang hape.
5. Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng!
6. Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona.
7. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.