Luka 11:9-27 BIBELE (SSO89SO)

9. “Ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.

10. Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa.

11. “Ana ke ntate ofe ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a kopa tlhapi, ebe o mo nea noha bakeng sa tlhapi?

12. Kapa haeba a kopa lehe, ebe o mo nea phepheng na?

13. Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”

14. Jesu o ne a leleka modemona o semumu; yare hoba modemona o tswe, semumu sa bua. Matshwele a makala,

15. empa ba bang ho bona ba re: “O leleka bademona ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”

16. Ba bang bona ba mo kopa mohlolo o tswang lehodimong, ka ho mo leka.

17. Empa ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, le lelapa le ikarolang ho itwantsha, le tla wa.

18. Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule.

19. Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona, ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.

20. Empa ha ke leleka bademona ka monwana wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.

21. “Ha seqhobane se lebela lelapa la sona se hlometse kahohle, thepa ya sona e bolokehile,

22. empa ha ho etla e mong ya se fetang ka matla, a se hlola, o nka dihlomo tsa sona tseo se di tshepileng, a abe tseo a di hapileng.

23. “Ya sa emeng le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya.

24. “Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o sa e fumane, o re: <Ke tla kgutlela tlung ya ka moo ke tswileng teng.>

25. Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe;

26. ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele.”

27. Eitse ha Jesu a bolela taba tseo, mosadi e mong hara letshwele a phahamisa lentswe, a re ho yena: “Ho lehlohonolo popelo e ileng ya o emola le matswele ao o ileng wa a anya!”

Luka 11