Luka 11:7-18 BIBELE (SSO89SO)

7. “Yaba eo o araba a le kahare, o re: <O se ke wa ntshwenya; monyako o se o notletswe, mme ke se ke robetse le bana ba ka; nke ke ka tsoha ho o fa!>

8. Ke a le bolella, leha a ke ke a tsoha ho mo fa ka baka la hobane e le motswalle wa hae, o tla mpe a tsohe a mo fe kamoo a hlokang kateng ka lebaka la qophello ya hae.

9. “Ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.

10. Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa.

11. “Ana ke ntate ofe ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a kopa tlhapi, ebe o mo nea noha bakeng sa tlhapi?

12. Kapa haeba a kopa lehe, ebe o mo nea phepheng na?

13. Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”

14. Jesu o ne a leleka modemona o semumu; yare hoba modemona o tswe, semumu sa bua. Matshwele a makala,

15. empa ba bang ho bona ba re: “O leleka bademona ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”

16. Ba bang bona ba mo kopa mohlolo o tswang lehodimong, ka ho mo leka.

17. Empa ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, le lelapa le ikarolang ho itwantsha, le tla wa.

18. Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule.

Luka 11