Luka 11:45-54 BIBELE (SSO89SO)

45. E mong wa Ditsebi tsa Molao a mo araba, a re: “Moruti, ha o rialo, le rona o a re hlapaola.”

46. Jesu a re: “Le lona le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le jarisa batho mejaro e ba imelang, empa lona le sa ame mejaro eo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.

47. “Le madimabe, hobane le haha diemahale tsa baporofeta ba bolailweng ke bo-ntata lona.

48. Kahoo le dipaki, mme le dumellana le diketso tsa bo-ntata lona, hobane bona ba ile ba ba bolaya, athe lona le haha diemahale tsa bona.

49. Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: <Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa,

50. hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng haesale lefatshe le thewa, a tle a batlwe ho moloko ona,

51. ho tloha mading a Abele, ho ya fihla mading a Sakariya, ya ileng a timetswa pakeng tsa aletare le Tempele.> E, ke a le bolella, a tla batlwa ho moloko ona.

52. “Le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo, empa ka bolona ha le a ka la kena, le thibetse ba neng ba kena.”

53. Hoba a tlohe moo, Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho mo hlonamela hampe, ba leka ho mmuisa tse ngata,

54. ba ntse ba mo tjhehile, hore ba tle ba tshwase ho hong ho ka tswang molomong wa hae.

Luka 11