42. “Empa le madimabe, Bafarisi, hobane le ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome ya kwena, le lengana, le ya moroho o mong le o mong, athe le tlohela toka le lerato la Modimo. Empa eka kgona ho etswe tsena ho sa tlohelwe tsane.
43. “Le madimabe, Bafarisi, hobane le rata ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditumediso mabaleng a metse.
44. “Le madimabe, hobane le tshwana le mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a lemohe.”
45. E mong wa Ditsebi tsa Molao a mo araba, a re: “Moruti, ha o rialo, le rona o a re hlapaola.”
46. Jesu a re: “Le lona le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le jarisa batho mejaro e ba imelang, empa lona le sa ame mejaro eo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.
47. “Le madimabe, hobane le haha diemahale tsa baporofeta ba bolailweng ke bo-ntata lona.