Luka 11:33-43 BIBELE (SSO89SO)

33. “Ha ho ya hotetsang lebone a le bee sebakeng se patehileng, leha e le katlasa nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, hore ba kenang ba bone lesedi.

34. Leihlo la hao ke lebone la mmele. Ha leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, empa ha le le lebe, le wona mmele wa hao o aparetswe ke lefifi.

35. Ha ho le jwalo o hlokomele hore lesedi le ka ho wena e se be lefifi,

36. hobane ha mmele wa hao wohle o ena le lesedi, o se na karolo le e nngwe e aparetsweng ke lefifi, o tla be o ena le lesedi ka botlalo, jwalokaha lebone le o bonesetsa ka lesedi la lona.”

37. Yare ha a ntse a bua, Mofarisi e mong a mo kopa hore a yo ja le yena; a kena, a ja.

38. Mofarisi eo a mpa a makala ha a bona hore Jesu ha a a ka a itlhatswa a eso je.

39. Morena a re ho yena: “Lona, Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mohope, empa bokahare ba lona bo tletse meharo le bokgopo.

40. Dithoto ting! Na ya ileng a etsa bokantle hase yena ya entseng le bokahare?

41. Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.

42. “Empa le madimabe, Bafarisi, hobane le ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome ya kwena, le lengana, le ya moroho o mong le o mong, athe le tlohela toka le lerato la Modimo. Empa eka kgona ho etswe tsena ho sa tlohelwe tsane.

43. “Le madimabe, Bafarisi, hobane le rata ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditumediso mabaleng a metse.

Luka 11