1. Yare hoba Jesu a qete ho rapela a le sebakeng se seng, morutuwa e mong wa hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne a rutile barutuwa ba hae.”
2. A re ho bona: “Ha le rapela, le re:“Ntate, Lebitso la hao le halaletswe;Mmuso wa hao o tle;
3. o re fe ka letsatsi le letsatsibohobe boo re bo hlokang;
4. o re tshwarele dibe tsa rona,hobane le rona re tshwarelabohle ba re sitelwang;o re phemise ho kena molekong.”
5. A ba a re ho bona: “Ke mang ho lona ya ka bang le motswalle, a ya ho yena ka seroko, a re ho yena: <Motswalle, ako nkadime dinkgwa tse tharo,
6. hobane motswalle wa ka ya leetong o mphapohetse, mme ha ke na seo nka mo fang sona.>
7. “Yaba eo o araba a le kahare, o re: <O se ke wa ntshwenya; monyako o se o notletswe, mme ke se ke robetse le bana ba ka; nke ke ka tsoha ho o fa!>
8. Ke a le bolella, leha a ke ke a tsoha ho mo fa ka baka la hobane e le motswalle wa hae, o tla mpe a tsohe a mo fe kamoo a hlokang kateng ka lebaka la qophello ya hae.