36. “Ho ba bararo bao, o re eo e bileng wa habo motho ya ileng a wela hara dinokwane ke mang na?”
37. A re: “Ke ya ileng a mo etsetsa mohau.”Jesu a re ho yena: “Eya, o etse jwalo le wena!”
38. Yare ha ba ntse ba eya, Jesu a kena motseng o mong; yaba mosadi e mong ya bitswang Maretha o a mo amohela.
39. O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang.
40. Empa Maretha o ne a tshwarehile ke mosebetsi o mongata; jwale a atamela, a re: “Morena, na ha o tsotelle ha ngwaneso a ntlohela ke sebetsa ke le mong? Ako re ho yena a nthuse hle!”
41. Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata,
42. empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.”