24. Ke a le bolella baporofeta ba bangata le mahosi a mangata ba ne ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, empa ha ba a ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, empa ha ba a ka ba di utlwa.”
25. Jwale ha ema Setsebi se seng sa Molao, mme ka ho leka Jesu, sa re: “Moruti, eka kgona ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?”
26. Yaba o re ho yena: “Ho ngotsweng Molaong? O o bala jwang?”
27. Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.”
28. Jesu a re ho yena: “O arabile hantle. Etsa hoo, mme o tla phela.”
29. Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”
30. Jesu a araba, a re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a eya Jeriko, mme a wela hara dinokwane tse ileng tsa mo hlobodisa, tsa mo kgakgatha, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa.
31. Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, mme ha a mmona a mo kwekwetla.
32. Ka mokgwa ona oo le Molevi a fihla sebakeng seo, ha a mmona a mo kwekwetla.
33. Empa Mosamaria e mong, ya neng a eta, a fihla teng; ha a mmona a mo utlwela bohloko,
34. a atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine, a nto mo palamisa pelesa ya hae, a mo isa tlung ya baeti, mme a mo oka.
35. Ka la hosasane, a ntsha denare tse pedi, a di nea monga ntlo ya baeti, a re: <Ako mo oke, mme seo o ka se sebedisang kathoko ho sena, ke tla o buseletsa sona ha ke kgutla.>
36. “Ho ba bararo bao, o re eo e bileng wa habo motho ya ileng a wela hara dinokwane ke mang na?”
37. A re: “Ke ya ileng a mo etsetsa mohau.”Jesu a re ho yena: “Eya, o etse jwalo le wena!”
38. Yare ha ba ntse ba eya, Jesu a kena motseng o mong; yaba mosadi e mong ya bitswang Maretha o a mo amohela.