21. Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.
22. “Ntate o nneile tsohle, mme ha ho ya tsebang hore na Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.”
23. A retelehela ho barutuwa ba le nnotshi, a re: “Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang!
24. Ke a le bolella baporofeta ba bangata le mahosi a mangata ba ne ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, empa ha ba a ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, empa ha ba a ka ba di utlwa.”