Luka 10:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng.

2. A re ho bona: “Ruri kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; ka baka leo, rapelang Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

3. Eyang! Bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri.

4. Le se ke la nka sepatjhe, leha e le mokotlana, leha e le meqathatso, mme le se ke la dumedisa motho tseleng.

5. “Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: <Kgotso e be tlung ena!>

6. Haeba ngwana kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla ba le yena, empa ho seng jwalo, e tla kgutlela ho lona.

7. Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.

8. “Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je tse bewang kapela lona,

9. le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: <Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!>

10. Empa motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele ditseleng tsa wona, le re:

11. <Le lerole la motse wa lona, le re kgomaretseng maotong, re le hlohlorela lona e le bopaki bo le qosang. Feela le tsebe hona, hore Mmuso wa Modimo o se o fihlile.>

12. Ke a le bolella hore ka letsatsi leo kahlolo ya Sodoma e tla ba bobebe ho feta ya motse oo.”

13. “O madimabe wena Korasine! O madimabe wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba dutse moloreng.

14. Empa kahlolong, ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona.

Luka 10