8. Yare ha Sakariya a ntse a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka nako e beetsweng sehlopha sa hae,
9. ho ya ka moetlo wa boprista, a kgethwa ka lotho hore a kene ka Tempeleng ya Morena ho kubetsa,
10. mme bongata bohle ba batho bo ne bo rapela kantle ka nako ya ha ho kubetswa.
11. Jwale lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le eme lehlakoreng le letona la aletare ya mokubetso.
12. Ha Sakariya a le bona, a tshoha, a tshwarwa ke tshabo.
13. Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
14. E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela tswalo ya hae,
15. hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
16. O tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona.
17. O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”
18. Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?”
19. Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo.
20. Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.”
21. Batho ba ne ba emetse Sakariya, mme ba makaletse ho dieha ha hae ka Tempeleng.
22. Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu.
23. Yare ha matsatsi a tshebeletso ya hae a fedile, a boela ha hae.
24. Kamora matsatsi ao Elisabetha, mohatsa hae, a emola, a ipata ka dikgwedi tse hlano, a re: