Luka 1:56-69 BIBELE (SSO89SO)

56. Maria a hlola le Elisabetha kgwedi tse ka bang tharo, a nto kgutlela ha habo.

57. Jwale nako ya Elisabetha ya ho beleha ya fihla, mme a tswala mora.

58. Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.

59. Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya.

60. Empa mmae a araba, a re: “Tjhe, o tla bitswa Johanne.”

61. Ba re ho yena: “Ha ho le ya mong ho bang ka wena ya bitswang ka lebitso lena.”

62. Ba lekanyetsa ntatae, ba mmotsa hore na ekaba o rata ha ngwana a bitswa mang.

63. Hoba a kope letlapa, a ngola, a re: “Lebitso la hae ke Johanne.” Bohle ba makala.

64. Jwale hanghang molomo wa hae wa buleha, leleme la hae la raroloha, mme a bua, a boka Modimo.

65. Tshabo ya wela bohle ba ahisaneng le yena, mme ditaba tseo kaofela tsa buuwa naheng yohle e maloti, ya Judea,

66. bohle ba di utlwang ba di boloka pelong tsa bona, ba re: “Ekaba ngwana eo e tla ba eng?” Letsoho la Morena le ne le fela le ena le yena.

67. Ntatae Sakariya a tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:

68. “Ho bokwe Morena,Modimo wa Iseraele,hobane o etetse setjhaba sa hae,a se lopolla.

69. O re hlahiseditse Mopholosiya matla tlung ya Davida,mohlanka wa hae,

Luka 1