54. a thusa Iseraele mohlanka wa hae,a mo hopola ka mohau,
55. a hauhela Aborahamale ditloholo tsa hae kamehla yohle,jwalokaha a buileho bo-ntata rona.”
56. Maria a hlola le Elisabetha kgwedi tse ka bang tharo, a nto kgutlela ha habo.
57. Jwale nako ya Elisabetha ya ho beleha ya fihla, mme a tswala mora.
58. Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.
59. Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya.
60. Empa mmae a araba, a re: “Tjhe, o tla bitswa Johanne.”
61. Ba re ho yena: “Ha ho le ya mong ho bang ka wena ya bitswang ka lebitso lena.”
62. Ba lekanyetsa ntatae, ba mmotsa hore na ekaba o rata ha ngwana a bitswa mang.
63. Hoba a kope letlapa, a ngola, a re: “Lebitso la hae ke Johanne.” Bohle ba makala.
64. Jwale hanghang molomo wa hae wa buleha, leleme la hae la raroloha, mme a bua, a boka Modimo.