Luka 1:52-59 BIBELE (SSO89SO)

52. a theola babusi diteroneng,a phahamisa ba eisehang,

53. a kgorisa ba lapileng ka tse molemo,a kgutlisa ba ruilengba se na letho,

54. a thusa Iseraele mohlanka wa hae,a mo hopola ka mohau,

55. a hauhela Aborahamale ditloholo tsa hae kamehla yohle,jwalokaha a buileho bo-ntata rona.”

56. Maria a hlola le Elisabetha kgwedi tse ka bang tharo, a nto kgutlela ha habo.

57. Jwale nako ya Elisabetha ya ho beleha ya fihla, mme a tswala mora.

58. Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.

59. Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya.

Luka 1