28. Hoba le kene, la re ho yena: “Itumele, mohauhelwa, Morena o na le wena!”
29. A kgathatseha ke polelo eo, mme a ipotsa hore na tumediso eo ke ya mofuta ofe.
30. Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo.
31. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.
32. O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya Hodimodimo; Morena Modimo o tla mo fa terone ya ntatae Davida.
33. O tla rena hodima ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae bo ke ke ba eba le bofelo.”
34. Maria a re ho lengeloi: “Hoo ho ka etsahala jwang, athe ke sa le morwetsana?”
35. Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.
36. Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa,
37. hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.”
38. Yaba Maria o re: “Ke lekgabunyane la Morena; a ho be jwalo ho nna ho ya ka polelo ya hao!”Yaba lengeloi le tloha ho yena.
39. Jwale matsatsing ao Maria a tloha, a phakisa a ya naheng e maloti, motseng o mong wa Judea.
40. A kena ka tlung ya Sakariya, mme a dumedisa Elisabetha.
41. Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang.
42. A bua ka lentswe le phahameng, a re: “O lehlohonolo hara basadi, ho lehlohonolo le tholwana ya popelo ya hao!
43. Ho ntlela jwang hore ke etelwe ke mma Morena ka?
44. Bona, ha lentswe la hao la tumediso le fihla ditsebeng tsa ka, lesea le ile la tlola ke nyakallo ka popelong ya ka.