17. O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”
18. Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?”
19. Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo.
20. Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.”
21. Batho ba ne ba emetse Sakariya, mme ba makaletse ho dieha ha hae ka Tempeleng.
22. Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu.
23. Yare ha matsatsi a tshebeletso ya hae a fedile, a boela ha hae.
24. Kamora matsatsi ao Elisabetha, mohatsa hae, a emola, a ipata ka dikgwedi tse hlano, a re:
25. “Morena o entse jwalo ho nna mohla a kgahlilweng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.”
26. Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabariele la rongwa ke Modimo motseng wa Galelea o bitswang Nasaretha,
27. ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria.
28. Hoba le kene, la re ho yena: “Itumele, mohauhelwa, Morena o na le wena!”
29. A kgathatseha ke polelo eo, mme a ipotsa hore na tumediso eo ke ya mofuta ofe.
30. Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo.
31. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.
32. O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya Hodimodimo; Morena Modimo o tla mo fa terone ya ntatae Davida.