12. Ha Sakariya a le bona, a tshoha, a tshwarwa ke tshabo.
13. Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
14. E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela tswalo ya hae,
15. hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
16. O tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona.
17. O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”
18. Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?”
19. Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo.
20. Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.”
21. Batho ba ne ba emetse Sakariya, mme ba makaletse ho dieha ha hae ka Tempeleng.
22. Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu.
23. Yare ha matsatsi a tshebeletso ya hae a fedile, a boela ha hae.
24. Kamora matsatsi ao Elisabetha, mohatsa hae, a emola, a ipata ka dikgwedi tse hlano, a re: