Kodi-Ya-Malla 4:5-14 BIBELE (SSO89SO)

5. Ba kileng ba phelaka dimenyemenye,ba bolawa ke tlala hara diterata;ba neng ba apara tse mabokoboko,kajeno ba paqame dithotobolong.

6. Kotlo ya tjhaba sa hesoe kgolo haholo,ho feta le ya Sodoma,e neng e timetsweka ho panya ha ntshi,e sa timetswe ke letsoho la motho.

7. Mahosana a ne a phatsimaho feta lehlwa,bosweu ba wonabo feta le ba lebese,mmele e le mesehlaho feta mabenyane,bokgabane ba wonae ka ba majwe a safire.

8. Empa kajeno botsho ba wonabo feta ba mowa,le diteratengha a sa tsejwa ke batho;letlalo la wonale manne hodima masapo,le omeletse, le se le ka lehong.

9. Ho lehlohonoloba bolailweng ka sabole,ba lehlohonoloho feta ba bolawang ke sekoboto,ba fellang dikobongho fihlela ba eshwa,ka baka la ho hlokatse behwang ke naha.

10. Basadi ba nang le motlopotlowa ho tswala,ka matsoho a bonaba apeha bana ba bona;ba ba apeha,ya eba dijo tsa bona,nakong ya ha tjhaba sa hesose timetswa.

11. Morena o phethahaditsetsa kgalefo ya hae,bohale bo tlokomang ba haeo bo hlatsitse.O hoteditse mollomotseng wa Sione,wa tjhesa metheoya motse wa Sione.

12. Dikgosi tsa lefatshedi ne di sa kgolwe,le baahi bohle ba lefatsheba sa kgolwe,hore kgoro tsa motse wa Jerusalemadi ka kenwa,tsa kenwa ke sera,tsa kenwa ke mofutuhi!

13. Di kenwe ka baka la dibetsa baporofeta ba wona,ka baka la makgopoa baprista ba wona,ba tsholotseng madi a ba lokileng,ba a tshollahara motse wa Jerusalema.

14. Ba nnile ba lelerasa banna ba difofu,ba lelera hara diterata tsa motse;ba itshilafaditse ka madi haholo,hoo ho seng ya ka amangdiaparo tsa bona.

Kodi-Ya-Malla 4