Kodi-Ya-Malla 4:2-10 BIBELE (SSO89SO)

2. Bara ba Sione, mokgetho o kgabane,bara bao bohlokwa ba bonae ne e ka ba kgauta,kajeno ba tshwanale pitsa tsa letsopa,ntho tse entswengke matsoho a sebopi!

3. Phokojwe le tsona di ye di nyantshe,di ye di nyantshe madinyane a tsona;empa tjhaba sa hesose sehloho haholo,se tshwana le dimpshe tsa lehwatata!

4. Leme la leseale kgomarela mahalapeng,le kgomarela tengka baka la lenyora;ba banyenyane ba sikila bohobe,empa ha ho ya ba neangle sengwathwana.

5. Ba kileng ba phelaka dimenyemenye,ba bolawa ke tlala hara diterata;ba neng ba apara tse mabokoboko,kajeno ba paqame dithotobolong.

6. Kotlo ya tjhaba sa hesoe kgolo haholo,ho feta le ya Sodoma,e neng e timetsweka ho panya ha ntshi,e sa timetswe ke letsoho la motho.

7. Mahosana a ne a phatsimaho feta lehlwa,bosweu ba wonabo feta le ba lebese,mmele e le mesehlaho feta mabenyane,bokgabane ba wonae ka ba majwe a safire.

8. Empa kajeno botsho ba wonabo feta ba mowa,le diteratengha a sa tsejwa ke batho;letlalo la wonale manne hodima masapo,le omeletse, le se le ka lehong.

9. Ho lehlohonoloba bolailweng ka sabole,ba lehlohonoloho feta ba bolawang ke sekoboto,ba fellang dikobongho fihlela ba eshwa,ka baka la ho hlokatse behwang ke naha.

10. Basadi ba nang le motlopotlowa ho tswala,ka matsoho a bonaba apeha bana ba bona;ba ba apeha,ya eba dijo tsa bona,nakong ya ha tjhaba sa hesose timetswa.

Kodi-Ya-Malla 4