Kodi-Ya-Malla 3:48-66 BIBELE (SSO89SO)

48. Mahlo a ka a phorosela dikeledi,di phorosela sa metsi a nokana,ka baka la ho timetswaha setjhaba sa heso.

49. Mahlo a kaa tla keleketla dikeledi,di keleketle motjha-o-tjhele,di sa kgaotse,di keleketle jwalo,mahlo a sa phomole,

50. ho fihlela Morena a tadima fatshe,a tadima a le lehodimong,mme a re bona.

51. Ke utlwiswa bohlokoke seo ke se bonang,ka baka la basadi ba motse wa heso.

52. Ke phaladisitswe ke dira tsa kaho se lebaka,tsa mphaladisasa ha ho phaladiswa nonyana.

53. Di nkakgetse ka mokotingke ntse ke phela,molomo wa mokotitsa o kwala ka lejwe.

54. Metsi a phophomahodima hlooho ya ka,ka ba ka re:“Jwale ke kgatheng la ho timela!”

55. Ka bitsa lebitso la hao,wena Morena,ka le bitsake le botebong ba mokoti, tlase.

56. Wa utlwa lentswe la kaha ke ne ke re:“Se thibe tsebe ya haoha ke fehelwa,ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.”

57. Wa atamela ho nna ha ke ipiletsa,wa re ho nna: “O se ke wa tshaba!”

58. Ha ke ne ke qoswao ila nkemela, Morena,yaba bophelo ba ka o a bo pholosa.

59. O bone kamoo ke tujwang kateng,ako nkahlolele ka toka, Morena!

60. Boiphetetso ba bona bohleo bo bone,le mano wohleao ba ntherelang wona.

61. Nyefolo tsa bonao di utlwile, Morena,le mano wohleao ba ntherelang wona;

62. dipuo tsa bao e leng dira tsa ka,merero eo ba ntherelang yonaletsatsi lohle.

63. Esita ba eme, esita ba dutse,ka nako tsohle nna ke pina ya bona!

64. Ba otlele diketso tsa bona, Morena,ho ya ka mesebetsiya matsoho a bona.

65. Ako thatafatse dipelo tsa bona,thohako ya hao e ba wele hodimo!

66. Ba hlorise,o ba timetse kgalefong ya hao,o ba timetse, o be o ba fedise,o ba fedise tlasa mahodimo a hao.

Kodi-Ya-Malla 3