Kodi-Ya-Malla 3:42-56 BIBELE (SSO89SO)

42. “Re sitilwe, ra ba ra kweneha,wena Morena ha o a re tshwarela.

43. “O re phaladisitse o halefile haholo,wa re bolaya o sa re hauhele.

44. O ikgurumeditse ka leru, o ipatile,hore thapelo tsa ronadi se fihle ho wena.

45. O re entse hore re be mahohodi,re be thotobolo hara baditjhaba.

46. Dira tsa rona tsohledi re bebenyetsa melomo,di a re swenyetsa.

47. Re tshwerwe ke tshabo,leraba le re kgatile,re fihletswe ke tshenyeho,re fihletswe le ke timelo.”

48. Mahlo a ka a phorosela dikeledi,di phorosela sa metsi a nokana,ka baka la ho timetswaha setjhaba sa heso.

49. Mahlo a kaa tla keleketla dikeledi,di keleketle motjha-o-tjhele,di sa kgaotse,di keleketle jwalo,mahlo a sa phomole,

50. ho fihlela Morena a tadima fatshe,a tadima a le lehodimong,mme a re bona.

51. Ke utlwiswa bohlokoke seo ke se bonang,ka baka la basadi ba motse wa heso.

52. Ke phaladisitswe ke dira tsa kaho se lebaka,tsa mphaladisasa ha ho phaladiswa nonyana.

53. Di nkakgetse ka mokotingke ntse ke phela,molomo wa mokotitsa o kwala ka lejwe.

54. Metsi a phophomahodima hlooho ya ka,ka ba ka re:“Jwale ke kgatheng la ho timela!”

55. Ka bitsa lebitso la hao,wena Morena,ka le bitsake le botebong ba mokoti, tlase.

56. Wa utlwa lentswe la kaha ke ne ke re:“Se thibe tsebe ya haoha ke fehelwa,ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.”

Kodi-Ya-Malla 3