Kodi-Ya-Malla 3:30-48 BIBELE (SSO89SO)

30. A se ke a thibelaya mo jabelang lerama,a mamelle mahlapa wohlea mo tlelang.

31. Morena ha a ke be a lahle batho,ha a ke a ba lahlela molahlelaruri!

32. Leha a tlisa maswabi,o utlwela bohloko,ka baka la boholoba mehauhelo ya hae.

33. Hase hore ho hlokofatsa bathoo a ho thabela,kapa hona ho ba tlisetsa maswabi.

34. Ho hatakela batshwaruwa ka leoto,batshwaruwa bohleba teng lefatsheng;

35. ho hanela motho ka tokelo tsa hae,ha motho a le kapelaYa Hodimodimo;

36. ho sokamisa toka ka makgotleng,na tsee tsohle Morena ha a di bone?

37. Ya ka bolelang ntho,ya etsahala, ke mang,haeba ntho eoe sa laolwa ke Morena?

38. Na tse bohloko le tsona tse monateha di tswe ho Ya Hodimodimo?

39. Kahoo mothoa ka belaetswa ke dife,ha motho a otlelwa dibe tsa hae?

40. A re hlahlobeng tsela tsa rona,re di lekole,ebe re boela re kgutlela ho Morena.

41. A re phahamiseng dipelole matsoho a rona,re di phahamisetse ho Modimo,Modimo ya mahodimong, re re:

42. “Re sitilwe, ra ba ra kweneha,wena Morena ha o a re tshwarela.

43. “O re phaladisitse o halefile haholo,wa re bolaya o sa re hauhele.

44. O ikgurumeditse ka leru, o ipatile,hore thapelo tsa ronadi se fihle ho wena.

45. O re entse hore re be mahohodi,re be thotobolo hara baditjhaba.

46. Dira tsa rona tsohledi re bebenyetsa melomo,di a re swenyetsa.

47. Re tshwerwe ke tshabo,leraba le re kgatile,re fihletswe ke tshenyeho,re fihletswe le ke timelo.”

48. Mahlo a ka a phorosela dikeledi,di phorosela sa metsi a nokana,ka baka la ho timetswaha setjhaba sa heso.

Kodi-Ya-Malla 3