26. Ho molemoha motho a eba le letshepa,a lebella ka mamellohore Morena a mo pholose.
27. Ho molemoha motho a jara joko ena,a e jara nakong ya botjha ba hae.
28. A dule a le mong,a dule a kgutsitse,hobane o e jarisitswe ke Morena.
29. A obamele fatsheho hlompha Morena,mohlomong thusoe ka nna ya mo hlahela.
30. A se ke a thibelaya mo jabelang lerama,a mamelle mahlapa wohlea mo tlelang.
31. Morena ha a ke be a lahle batho,ha a ke a ba lahlela molahlelaruri!
32. Leha a tlisa maswabi,o utlwela bohloko,ka baka la boholoba mehauhelo ya hae.
33. Hase hore ho hlokofatsa bathoo a ho thabela,kapa hona ho ba tlisetsa maswabi.
34. Ho hatakela batshwaruwa ka leoto,batshwaruwa bohleba teng lefatsheng;
35. ho hanela motho ka tokelo tsa hae,ha motho a le kapelaYa Hodimodimo;
36. ho sokamisa toka ka makgotleng,na tsee tsohle Morena ha a di bone?