Kodi-Ya-Malla 3:24-35 BIBELE (SSO89SO)

24. Ka pelong ya ka nna ke re:“Morena ke yena kabelo ya ka,kahoo ke itshepetse yena feela.”

25. Morena o molemoho bohle ba mo tshepang,o molemo ho bohle ba mmatlang.

26. Ho molemoha motho a eba le letshepa,a lebella ka mamellohore Morena a mo pholose.

27. Ho molemoha motho a jara joko ena,a e jara nakong ya botjha ba hae.

28. A dule a le mong,a dule a kgutsitse,hobane o e jarisitswe ke Morena.

29. A obamele fatsheho hlompha Morena,mohlomong thusoe ka nna ya mo hlahela.

30. A se ke a thibelaya mo jabelang lerama,a mamelle mahlapa wohlea mo tlelang.

31. Morena ha a ke be a lahle batho,ha a ke a ba lahlela molahlelaruri!

32. Leha a tlisa maswabi,o utlwela bohloko,ka baka la boholoba mehauhelo ya hae.

33. Hase hore ho hlokofatsa bathoo a ho thabela,kapa hona ho ba tlisetsa maswabi.

34. Ho hatakela batshwaruwa ka leoto,batshwaruwa bohleba teng lefatsheng;

35. ho hanela motho ka tokelo tsa hae,ha motho a le kapelaYa Hodimodimo;

Kodi-Ya-Malla 3