Kodi-Ya-Malla 3:11-24 BIBELE (SSO89SO)

11. O nkgelositse tseleng ya ka,a ntsekolla,a ntshiya moo ke hloka mothusi.

12. A hula seqha sa hae, a fula,a nketsa sekgopi sa metsu ya hae.

13. O hlabile diphiyo tsa ka ka metsu,metsu e tswang sehlajweng sa hae.

14. Tjhabeng sa hesoke fetohile sesomo,se nteola ka dipina letsatsi lohle.

15. O ntlopile tse babang sa leshokgwa,a ba a ntlopa le lona lengana.

16. O nthobile menoka ho ntjesa lehlohlojane,a mpudukanya hodima molora.

17. Pelo ya ka o e amohile kgotso,le boiketlo ha ke sa bo tseba.

18. Yaba ke re:“Matla a ka a se a mpheletse,tseo ke di tshepetseng Morenadi se di fetile!”

19. Ke hopola matshwenyeho a kale ditsietsi tsa ka,ho nna ke lenganale leshokgwa le babang!

20. Pelo ya ka e di hopola kamehla,e nyahame ka sefubeng sa ka.

21. Tsena ke sa ntsane ke di hopola,kahoo ke sa ntsane ke ena le tshepo.

22. Ka baka la lerato la Morena,rato le sa feleng,ha re a ka ra ba ra timela,mehauhelo ya haeha e eso ka e kgaotsa;

23. hoseng ho hong le ho honge a ntjhafala,botshepehi ba haebo boholo haholo!

24. Ka pelong ya ka nna ke re:“Morena ke yena kabelo ya ka,kahoo ke itshepetse yena feela.”

Kodi-Ya-Malla 3