19. Tsoha, o howeletse hara bosiu,o howeletseha balebedi ba qala ho santela;tse ka pelong ya haoo di tsholle jwaloka metsi,o di tshollele kapele ho Morena.Phahamisa matsoho a hao,o a phahamisetse ho Morena,o a phahamiseka baka la bana ba hao,bana ba hao ba bolawang ke tlala,e ba bolaya hara diterata tsohle.
20. “Oho, Morena, bona,ako inahane:Eo o kila mo etsa tjee ke mang?Na basadi ba lokelaho ja masea a bona,ba je bana bao ba ba hodisitseng?Na moprista le moporofetaba lokela ho bolawa,ba bolaelwa ka Sehalalelong,Halalelong sa Morena?
21. Batjha le maqhekuba rapaletse mmoho,ba rapaletse diterateng,ba rapaletse hara lerole;bahlankana le barwetsana ba kaba shwele,ba eshwa ke ho bolawa ka sabole.O ba bolaile mohla o no halefile,wa ba bolayale mohau o se na wona.