Kodi-Ya-Malla 2:17-22 BIBELE (SSO89SO)

17. Morena o entseseo a neng a se rerile,polelo tsa haeo di phethahaditse,polelo tse neng di bolelwemehleng ya kgale;o o timeditse a se na mohau,a etsa hore o tlakweke dira tsa hao,ba o lwantshang a ba matlafatsa.

18. Pelo tsa setjhabadi ipiletsa ho Morena,wena Jerusalema, Moradi wa Sione,keledi tsa haoa di ke di phalle jwaloka noka,di phalle motsheare,di phalle le bosiu;o se ke wa ipha sebakasa ho phomola,mahlo a haole wona a se ke a phomola.

19. Tsoha, o howeletse hara bosiu,o howeletseha balebedi ba qala ho santela;tse ka pelong ya haoo di tsholle jwaloka metsi,o di tshollele kapele ho Morena.Phahamisa matsoho a hao,o a phahamisetse ho Morena,o a phahamiseka baka la bana ba hao,bana ba hao ba bolawang ke tlala,e ba bolaya hara diterata tsohle.

20. “Oho, Morena, bona,ako inahane:Eo o kila mo etsa tjee ke mang?Na basadi ba lokelaho ja masea a bona,ba je bana bao ba ba hodisitseng?Na moprista le moporofetaba lokela ho bolawa,ba bolaelwa ka Sehalalelong,Halalelong sa Morena?

21. Batjha le maqhekuba rapaletse mmoho,ba rapaletse diterateng,ba rapaletse hara lerole;bahlankana le barwetsana ba kaba shwele,ba eshwa ke ho bolawa ka sabole.O ba bolaile mohla o no halefile,wa ba bolayale mohau o se na wona.

22. O bitsitse dira tsa kaka nqa tsohle,wa di bitsaeka o di bitsetsa moketeng.Ka tsatsi leoo no halefile ka lona, Morena,ha ho le ya mong ya kila phonyoha,ha ho le ya mong ya kila sala!Bao ke ba otlileng, ka ba hodisa,bohle ba timeditswe ke sera sa ka!”

Kodi-Ya-Malla 2