14. Dipono tse bonwengke baporofeta ba haoe ne e le tsa leshano,tse se nang thuso;ha ba a ka ba o senolelasebe sa hao,hore ba o fapose bothopuwa ba hao.Ba ile ba o bolelladipono tsa bohata,dipono tse ileng tsa o thetsa,tsa o kgelosa.
15. Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla,ba opa diatla ha ba o bona;ba letsa molodi,dihlooho ba a di thukutha,ba soma Moradi wa Jerusalema,ba re: “Na motse ooke wona o no le motlemotle,o no thabisa lefatshe lohle?”
16. Dira tsa haodi o bebenyetsa melomo,di a o soma,di o tsikitlanyetsa meno,di re: “Re timeditse Jerusalema!Lena ke lona tsatsileo esale re le emela,le fihlile, re bile re le bone!”
17. Morena o entseseo a neng a se rerile,polelo tsa haeo di phethahaditse,polelo tse neng di bolelwemehleng ya kgale;o o timeditse a se na mohau,a etsa hore o tlakweke dira tsa hao,ba o lwantshang a ba matlafatsa.
18. Pelo tsa setjhabadi ipiletsa ho Morena,wena Jerusalema, Moradi wa Sione,keledi tsa haoa di ke di phalle jwaloka noka,di phalle motsheare,di phalle le bosiu;o se ke wa ipha sebakasa ho phomola,mahlo a haole wona a se ke a phomola.