Kodi-Ya-Malla 2:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Bonang kamoo Morenaa halefileng kateng!O sithabeditse Sioneka leru le letsholetsho!Tlotla ya Iseraeleo e lahletse fatshe,a e lahlela fatshee theoha lehodimong.Mohla tsatsi leola kgalefo ya hae,ha a a ka a hopolabonamelo ba maoto a hae.

2. Morena o timeditsediahelo tsa Jakobo,a di timetsa kaofela,mohau a se na wona;qhobosheane tsa Moradi wa Judaa di ripitla,a di ripitla,kgalefo ya hae e ntse e tlokoma;mmuso wa teng a o tlontlolla,a o tlontlolla le babusi ba wona.

3. Naka la Iseraele o le robile,a le robakgalefo ya hae e tlokoma;tsoho la hae le letona, le matla,a le honyetsa ha sera se futuha.A halefela Jakobosa mollo o malakabe,o malakabe, o timetsang kahohle.

4. O hutse seqha sa hae jwaloka sera,o eme sa mohlabani,tsoho le letona le phahame;bohle ba kgahlang mahloa ba bolaya.Kgalefo ya hae e tukang malakabe,a e theolela hodima tente ya Sione.

5. Morena o ka sera sa rona,Iseraele o e ripitlile,a ripitla matlo wohlea dikgosi tsa yona.Qhobosheane tsa yona a di heletsa,a atisa bofifi le dillotsa Moradi wa Juda.

Kodi-Ya-Malla 2