Kodi-Ya-Malla 2:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Bonang kamoo Morenaa halefileng kateng!O sithabeditse Sioneka leru le letsholetsho!Tlotla ya Iseraeleo e lahletse fatshe,a e lahlela fatshee theoha lehodimong.Mohla tsatsi leola kgalefo ya hae,ha a a ka a hopolabonamelo ba maoto a hae.

2. Morena o timeditsediahelo tsa Jakobo,a di timetsa kaofela,mohau a se na wona;qhobosheane tsa Moradi wa Judaa di ripitla,a di ripitla,kgalefo ya hae e ntse e tlokoma;mmuso wa teng a o tlontlolla,a o tlontlolla le babusi ba wona.

3. Naka la Iseraele o le robile,a le robakgalefo ya hae e tlokoma;tsoho la hae le letona, le matla,a le honyetsa ha sera se futuha.A halefela Jakobosa mollo o malakabe,o malakabe, o timetsang kahohle.

4. O hutse seqha sa hae jwaloka sera,o eme sa mohlabani,tsoho le letona le phahame;bohle ba kgahlang mahloa ba bolaya.Kgalefo ya hae e tukang malakabe,a e theolela hodima tente ya Sione.

5. Morena o ka sera sa rona,Iseraele o e ripitlile,a ripitla matlo wohlea dikgosi tsa yona.Qhobosheane tsa yona a di heletsa,a atisa bofifi le dillotsa Moradi wa Juda.

6. O runtsolotse Tempele ya hae,a e runtsolla sa lephephe tshimong,sebaya sa hae sa diphuthehoa se ripitla.Morena o entse hore Sione e lebale,e lebale matsatsi a mekete,e lebale le Disabatha;ha kgalefo ya hae e tuka malakabe,a nyedisa kgosi le yena moprista.

7. Morena o lahlile aletare ya hae,Sehalalelo sa haele sona a se furalla;marako a matlo a kgosi tsa Sioneo neelane ka wonamatsohong a dira;ka tlung ya Morenadira di entse lerata,lerata le kangla mohla tsatsi la mokete.

8. Morena o sa entse qetoya ho heletsa,ya ho heletsa marakoa Moradi wa Sione;kgwele ya ho lekanyao se a e otlolotse,ha a a ka a honyetsa tsoho la haeha le timetsa.A etsa hore metero le marako di lle,bobedi ba tsona a di heletsa.

9. Dikgoro tsa Sionedi kwahetswe ke mobu,mekwallo ya tsonao e robakile dikotwana;kgosi le mahosanake bathopuwa hara baditjhaba,ke bathopuwa ba leng mooho sa rutweng Molao;baporofeta ba Sioneha ba sa bona dipono,pono tse tswang ho Morena.

10. Baholo ba Jerusalemaba ituletse fatshe,ba ituletse fatshe ba kgutsitse,ba kgutsitse ba se na puo;ba itshetse ka lerolehodima dihlooho,mmeleng ya bonaba apere tse mahwashe,barwetsana ba Jerusalemaba inametse fatshe.

11. Mahlo a ka a foufaditswe,a foufatswa ke dikeledi,moya wa ka o ferekane haholo,bohloko ba pelo ya kabo tsholohela fatshe,ka baka la ho timetswaha setjhaba sa heso,ka baka la ho timetswaha bana le masea,ba timetswaba le diterateng tsa motse.

Kodi-Ya-Malla 2