15. Dinatla tsa ka tsohletse neng di mpotile,kaofela ha tsonaMorena o di phetshetse;o mmemetse lebothoho tla mphutuhela,le mphutuhele,tjhatjha ya ka le e pidile.Morena o tlabiketse morwetsana,Moradi wa Juda,a mo tlabikelasa morara setlhotlelong.
16. “Ke ka baka la tsona ke llang,mahlo a ka a keleketla dikeledi,hobane motshedisi wa kao hole le nna,yena ya neng a ka kgathollamoya wa ka.Bana ba ka ba setse ba itlhophere,hobane nnake hlotswe ke sera sa ka.”
17. Sione e phakaladitse matsoho a yona,empa ya ka e tshedisangyena ha a yo.Malebana le Jakobo,Morena o entse taelo:Dira tsa haedi mo etsetse sakana-la-nkope.Jerusalema e fetohile manyala,Jerusalema e silafetse.
18. “Morena yena o lokile,hobane ke fetohetse molao wa hae.Lona ditjhaba tsohle, mmameleng!Tadimang,le bone matshwenyeho a ka!Thwetsana ya kale tlhankana ya ka,kaofela ha bonaba isitswe bothopuweng!
19. Ke ipileditse ho baratuwa ba ka,empa ke bona ba ileng ba nkeka.Baprista le baetapele ba kaba shwele,ba shweletse diterateng tsa motse,ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe,hore ba tle ba tsebe ho iphedisa.
20. Oho, Morena, bona ke tsielehile!Moya wa ka o ferekane haholo!Pelo ya ka e tshwenyehile haholo,hobane ke o fetohetse haholo!Diterateng sabole e a bolaya,ka matlung ho nkga lefu feela!
21. Batho ba utlwile mefehelo ya ka,empa ha ho na mothoya ntshedisang.Dira tsa ka tsohledi utlwile tsietsi ya ka,di nyakaladitsweke ketso ena ya hao.Potlakisa tsatsile boletsweng ke wena,dira tsa kadi tle di tshwane le nna.
22. Bokgopo ba dira tseobo pepesehe ho wena,le tsona kotlo ya tsonadi e fumane,o di otlejwalokaha le nna o nkotlile,o nkotlaka baka la dibe tsa ka tsohle.Mefehelo ya ka e mengata haholo,pelo ya ka le yona e nyahame.”