1. Motse o nengo diila batho kahohle,kajeno o bodutu hakaakang!O ne o le moholo hara ditjhaba,kajeno o fetohile mohlolohadi!E ne e le mofumahadi hara ditjhabakajeno o fetohile lekgabunyane!
2. Jerusalema o llasa mmokotsane bosiu,keledi di keleketla marameng a hae.Hara baratuwa bohle ba hae,ha ho le ya mong ya mo tshedisang.Metswalle ya hae yohle e mo ekile,metswalle e fetohile dira tsa hae.
3. Ka baka la ditlhorisole ho sebediswa ka thata,Juda e isitswe bothopuweng.Juda e phela kahara baditjhaba,e hloka le sebaka sa ho phomola.Bahlorisi ba yona bohleba e tsomeditse,ba e tsometsa e le makaqabetsing.
4. Tsela tsa Sionedi se di le bodutu,hoba ha ho ya tlangmeketeng e halalelang.Kgoro tsa Sione tsohleha di na batho,baprista ba yonaba qetwa ke mefehelo,barwetsana ba yonaba matshwenyehong.Sione e tlokotsingtse bohloko haholo.
5. Ba lwantshang Sionee se le babusi ba yona,dira tsa yona di dutse ka boiketlo.Morena o tliseditseSione matshwenyeho,ka baka la dibe tsa yona bongata.Bana ba yonaba isitswe bothopuweng,ba thopilweke ba neng ba ba lwantsha.
6. Botle bohle bo se bo hlakohile,bo hlakohile ho Moradi wa Sione;mahosana a hae a ka dikgama,a ka dikgamadi sitwa ho fumana lekgulo;di balehadi se di kenwe ke mokgathala,di baleha bamanakisi ba tsona.
7. Nakong ya matshwenyeho a yonale ya ho lelera,Jerusalema e hopola matlotlo,matlotlo a yona wohle,ao e ne e le a yonamehleng ya kgalekgale.Ha tjhaba sa yonase wela matsohong a dira,ha ho a ba le ya kilenga e thusetsa.Dira tsa yona di ile tsa e sheba,tsa etsa metlaeka ho timetswa ha yona.
8. Jerusalema e sitilwe haholo,ka baka leo, e silafetse,bohle ba neng ba e hlompha,ba a e nyedisa,ba e nyedisa hobane ba e bonetse.E, Jerusalema e qetwa ke mefehelo,e a reteleha, e ipata sefahleho.
9. Tshila tsa Jerusalemadi kgomaretse,di kgomaretse aparong tsa yona,ha e a ka inahanelapheletso ya yona.Ho wa ha yona e bile ho makatsang,ha ho a ba le ya mongya e tshedisang.“Oho, Morena,ako bone matshwenyeho a ka,sera ke sena kajeno se a ithorisa!”
10. Sera se nanabeditseletsoho la sona,sa le nanabetsa,sa nka maruo wohle a yona;Jerusalema e bonebaditjhaba ba kena,ba kena ka Sehalalelong sa yona,bona bao o neng o laetse,o itse ba se kenephuthehong ya hao.
11. Tjhaba sohle sa yonase qetwa ke mefehelo,se fehelwaha se ntse se sikila bohobe;matlotlo a sona se a ananya dijo,hore se nne se tsebe ho phela.“Oho, Morena, ako tadime,o be o bone;bona kamoo ke nyedisehang kateng!”