3. Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela.
4. Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.
5. Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela.
6. Esita le mangeloi a sa kang a tiisetsa boemong ba wona, a furaletseng leaho la wona, o a boloketse kahlolo ya Letsatsi le leholo, a le ditlamong tse sa feleng, lefifing.
7. Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.
8. Ka mokgwa o jwalo le bona batho bana ba lorang, ba silafatsa mmele ya bona, ba nyedisa borena ba Modimo, ba nyefola mangeloi a tlotlehang.
9. Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.”
10. Batho bana ba nyefola tseo ba sa di tsebeng. Le tseo ba di tsebang ka tlhaho, jwalokaha le diphoofolo tse se nang kutlwisiso di di tseba, ba itimetsa ka tsona.
11. Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.
12. Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.
13. Ke maqhubu a befileng a lewatle, a tlokomang lekweba la dihlong tsa bona. Ke dinaledi tse lelerang, tse boloketsweng lefifi le letsholetsho, ka ho sa feleng.
14. Ke ka bona batho bana Henoke, wa moloko wa bosupa ho tloha ho Adama, a ileng a porofeta, a re: “Bonang, Morena o tla le mangeloi a hae a halalelang, a diketekete,