Juda 1:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. ho tla ahlola bohle, le ho kgalemella bohle ba kgopo mesebetsi yohle ya bona e kgopo, le dipolelo tsohle tse mpe, tseo baetsadibe bao ba kgopo ba mo sitetsweng ka tsona.”

16. Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.

17. Lona baratuwa, le mpe le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste.

18. Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.”

19. Batho bana ba baka dikarohano; ke ba lefatshe, ba se nang Moya wa Modimo.

20. Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang.

21. Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.

22. Hauhelang ba qeaqeang;

23. le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona.

24. Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,

25. ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo!

Juda 1