Joshua 9:20-27 BIBELE (SSO89SO)

20. Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.”

21. Mahosana a boela a re ho setjhaba: “A re ba tloheleng ba phele, e le hore e tle e be bona ba rwallelang setjhaba sena sohle patsi, ba se kgellang metsi.” Setjhaba sa etsa jwalokaha mahosana a boletse.

22. Joshua a bitsa Bagibeone, a bua le bona, a re: “Ke hobaneng le ileng la re thetsa, la re le tswa hole, empa le ntse le ahelane le rona?

23. Ka baka lena he, le rohakehile, mme ha le ka ke la phetsa ho ba makgoba a rwallelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, a e kgellang metsi.”

24. Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona.

25. Bona mona, re matsohong a hao, seo o bonang hore se lokile, wena o re etse sona.”

26. Joshua a etsa jwalo, a ba lopolla matsohong a bana ba Iseraele, mme bona ba se ke ba ba bolaya.

27. Empa ho tloha ka lona letsatsi leo, Joshua a ba etsa makgoba a rwallelang setjhaba patsi, a se kgellang metsi, le a rwallelang aletare ya Morena patsi, le a e kgellang metsi sebakeng seo Morena a tla se kgetha, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

Joshua 9